Sesotho HL P2 Nov 2022
Sesotho HL P2 Nov 2022
Sesotho HL P2 Nov 2022
SENIOR CERTIFICATE
KEREITI YA 12
PUDUNGWANA 2022
MATSHWAO: 80
KAROLONG YA A: DITHOTHOKISO
Dithothokiso tseo o di rutilweng – Araba dipotso TSE PEDI.
Thothokiso eo o sa e rutwang – O TLAMEHA ho araba potso ena.
KAROLONG YA C: TSHWANTSHISO/TERAMA
Araba potso E LE NNGWE.
6. BOLELELE BA DIKARABO
Potso e telele ya Dithothokiso e lokela ho arajwa ka mantswe a 250–300.
Dipotso tse telele tsa Pale le Terama di lokela ho arajwa ka mantswe a
400–450.
Bolelele ba dikarabo tsa dipotso tse kgutshwane bo tla laolwa ke kabo ya
matshwao. Tsepama potsong, mme o se ke wa tswa lekoteng.
KAROLO YA A: Metsotso e 40
KAROLO YA B: Metsotso e 55
KAROLO YA C: Metsotso e 55
LEQEPHE LA DIKAHARE
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla o thusa ho kgetha dipotso tseo o ratang
ho di araba ntle le ho qobelleha hore o bale pampiri yohle.
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO
Dithothokiso tseo o di rutilweng: Araba dipotso TSE PEDI feela ho tsena.
NOMORO YA POTSO MOFUTA WA POTSO MATSHWAO NOMORO YA
LEQEPHE
1. 'Ke lla le wena' Potso e telele ya moqoqo 10 6
2. 'Rato la ka' Dipotso tse kgutshwane 10 7
3. 'Ba ileng ba ile' Dipotso tse kgutshwane 10 8
4. 'Dikano' Dipotso tse kgutshwane 10 9
MMOHO LE
Thothokiso eo o sa e rutwang: O TLAMEHILE HO araba potso ena.
5. 'O emetseng' Dipotso tse kgutshwane 10 10
KAROLO YA B: PALE/SENGOLWA SA BOHOLOHOLO
ELA HLOKO: Araba potso E LE NNGWE e telele le E LE NNGWE ya TSE KGUTSHWANE. Ha o araba potso
e telele KAROLONG YA B, o lokela ho araba e kgutshwane KAROLONG YA C. O lokela ho
araba potso E LE NNGWE feela KAROLONG YA B le YA C.
PALE: Araba potso E LE NNGWE feela bukeng eo o e rutilweng.
6. Botsang lebitla Potso e telele ya moqoqo 25 11
LENANENNETEFATSO
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO
Karolong ena o botsitswe dithothokiso TSE HLANO (POTSO YA 1–5). Araba dipotso
TSE THARO feela.
Kgetha mme o arabe dipotso TSE PEDI feela dithothokisong tseo o di rutilweng
selemong sena (POTSO YA 1 ho isa ho POTSO YA 4). O TLAMEHA ho araba
POTSO YA 5, e leng thothokiso eo o sa e rutwang.
RATO LA KA – MT Lekitlane
6 Re ne re bitswe ke balaodi,
7 Ba re e wetse kgomo Yuropo.
8 Ra tela menyaka le maifo,
9 Ho e namola e kgubedu,
10 Ntwa mahlomola.
DIKANO – JM NKUTHA
MMOHO LE
THOTHOKISO EO O SA E RUTWANG
Bala qotso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
O EMETSENG – TJ Mahapa
Kgetha mme o arabe potso E LE NNGWE feela, potso e telele ya moqoqo kapa ya
dipotso tse kgutshwane.
HOPOLA: Ha o araba potso e telele ya moqoqo KAROLONG YA B, o tlameha ho
araba dipotso tse kgutshwane KAROLONG YA C.
PALE
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa buka yohle.
TEMA YA A
7.3 Bolela hore ke ketsahalo efe e ileng ya etsa hore Tsietsi a qetelle a se a
arohane le Mohanuwa. (1)
MMOHO LE
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa buka yohle.
TEMA YA B
Tsietsi o ile a nahanisisa taba ena ya Sebapalo haholo. Hona matsatsing ao lerato la
hae le Tseleng le ne le tlokoma, mme a se a bile a rerile ho buisana le yena ka tsa
lenyalo la nnete. Ba ne ba dula mmoho, empa ho ya ka molao le dipehelo tsa bophelo
ba lefatshe lena, ba ne ba sa nyalana. E ne e se monna le mosadi. A thuisa taba ena.
Sebapalo o re mosadi ke noha. O re ke marabe hantle. A hopola Mohanuwa. 15
7.9 Ke eng seo Tsietsi a ileng a se hopola nakong eo Sebapalo a neng a bua
ka mosadi? (1)
7.11 Ketso ya Tsietsi ya ho nkela Tatolo Letotolo bese e qholotsa maikutlo a jwang
ho wena? Tshehetsa karabo ya hao. (2)
Ho fetile nako e ka etsang dibeke tse mmalwa kamora hore mapolesa a neng a
tsamaya le maburu a fihle kamoreng ya ka ba batla Zeblon Ramokgopa. Ke ne ke
dutse moriting tlasa sefate ka pela matlo a baoki. Ha ke dutse mona mehopolo ya ka e
ne e kgelekgetheha nahathote. Ke ne ke hopola nako eo re neng re dula mona re
lohana meriri le Dibakiso. Ha e le hantle ke ne ke hlorile. Ha Mmamolete a kula ka 5
tsela e tjena ke ne ke tla tshediswa ke Dibakiso. Ke ne ke rata ho bala haholo, ka nako
ena ke ne ke tshwere buka e ngotsweng ke sengodi se seng sa Moafrika – Things fall
apart. Empa e ne e re moo ke tshwarang buka ke re ke a e bala, ho touta ho nketse
hore ke habanye mela feela.
Motsheareng wa letsatsi leo ke ne ke le shoohlo, ke ne ke utlwa eka tsela eo ke e 10
tsamaileng bophelong ha e na morero. Ho tloha ha ke fumana diploma ya ka, ke ne ke
bona eka dintho di se di tsamaya motjheng. Ke ne ke bona eka jwale nka ja
poqokahlanaka, ka hlaba kgobe ka lemao, ka qhwaolla dikobo sewehla. Ke dula ke
lelaleditse mahlo a ka hodima Qwatsaneng ke lebelletse tseo bokamoso bo ntlisetsang
tsona. Athe ke ne ke fositse, ke ne ke tshwana le motho ya sa kang a rwalla letho 15
bophelong. Hlapi folofela leraha metsi a tjhele o a bona.
9.1 Polelo ena: 'Ha e le hantle ke ne ke hlorile,' e qholotsa maikutlo afe ho wena? (2)
9.2 Fana ka lebaka le neng le etsa hore Diepollo a ikutlwe a hlorile jwalo ka ha a
hlalositse qotsong e ka hodimo. (1)
9.3 Bolela hore ke ketsahalo efe e ileng ya thunthetsa dikamano tsa Diepollo
le malomae Theko eo nakong ena yohle a neng a ntse a nahana hore ke
yena ntatae. (1)
9.4 Ke ka lebaka la eng ha baahi ba Habuasono ba neng ba nahana hore
Diepollo ke sethotsela sa nkgono Motsokapere seo a neng a se behile
mahaheng kwana. (1)
9.5 Ke hobaneng ha Zeblon Ramokgopa a dula a le palehong? (2)
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 15 DBE/Pudungwana 2022
NSC
9.6 Ebe ketsahalo ya hore Diepollo a fihle kgotla moreneng a re o ilo bona
Sebonwang, e re senolela mothinya o sa lebellwang jwang? (2)
9.7 Nkgono Motsokapere re ka re ke mofuta ofe wa mophetwa? Tshehetsa
karabo ya hao. (2)
9.8 Bolela ketsahalo e le nngwe e sa kgolweheng e susumeditseng Diepollo ho
ya kopa thuso ho ngaka matsetsela. (2)
9.9 Bolela hore qwaketsano e neng e le dipakeng tsa Diepollo le mapolesa e ile
ya fediswa ke eng. (2)
9.10 Hlalosa hore boikgakanyo ba titjhere Mahanke bo mo pepesa e le mophetwa
wa semelo se jwang. (2)
MMOHO LE
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa tshwantshiso/terama yohle.
TEMA YA D
9.11 Hlalosa se bolelwang ke Diepollo ha a re, 'ho sa tla e marothodi a matenya'. (1)
MME – NP Maake
'Ha o se o sa batle ho tswela pele ka lenyalo lena ha ho molato, ke tla romela batho ba
ise molaetsa wa hore lenyalo ha le sa tswela pele.'
Ka mantswe ana a Rakgadi mongodi o hlahisa bomme e le batho ba tsotellang batho
le ho ba le kutlwelobohloko. Dumellana kapa o hanane le yena o ikamahantse le
E MONG wa baphetwa bana ba latelang:
Mmateboho
Rakgadi
Moqoqo wa hao e be wa bolelele ba mantswe a 400–450. [25]
MME – NP Maake
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa buka yohle.
TEMA YA E
La ya la fihla letsatsi la baeti, etswe nako ha e ke e eme nqa e le nngwe leha batho ba
robetse. Rakgadi le Dikeledi ba letse ba hlwekisa ntlo ka la maobane. Dijo le tsona di
ne di ile tsa rekwa hore di lekane bohle. Kaha Rakgadi o ne a se na ba habo, o ne a
kopile baahisane ba babedi hore ba tle ba tle ka lapeng, esitana le ntate Mahloko, hore
yena a hle a bue jwalo ka ntate ha baeti ba fihla. Tjhee, ba se ke ba mo swetswa, ba 5
fihla e sa le nako. Mme Mmamahloko le mme Thaise ba ne ba le teng le bona ba tlo
thusa ka ho pheha. Rakgadi o ne a itlhotlhorile le sente ya ho qetela tekenyaneng eo a
neng a ntse a e boloka bankeng, a se a siile bonyane boo e neng e ntse e bo tswala.
Ha ebolwa ditapole, mokopu, khabetjhe, dihwete, athe le sepenetjhe le sona se ne se
le teng. Ntho tsa nokwa ka letswai le tswekere, ho ya kamoo di tshwanetseng kateng, 10
mme tsa bewa mollong. Hlama ya bohobe e ne e letse e dubilwe ka la maobane, mme
ya lala e kwahetswe hore e futhumale e be e kokomohe. Ka mona ho ne ho rekilwe le
raese, ho bile ho lokisitswe le tlhabeho ya ting, le sona setampo se ne se sa lebalwa.
Mohlomong batho bana ba Matatiele ba rata mqosho, kaha ba tswakatswakane le ba
Maqhotsa koo. Jwala bona bo ne bo ka sala? Mme Mmamahloko o ne a ritetse ba 15
Sesotho, etswe e ne e le motho ya holetseng mahaeng kwana, a tseba ho fina lengole.
11.1 Maele a Sesotho a re, 'Mme o tshwara thipa ka bohaleng.' Qolla mantswe ho
tswa temeng a re nnetefaletsang maele ana. (1)
11.2 Bolela hore Mpuse o bile le tshusumetso efe qetong ya Dikeledi ya ho kena
lenyalong. (1)
11.3 Seabo sa ntate Mahloko lelapeng la Rakgadi se re senolela eng mabapi le
tsela eo batho ba tikoloho eo ba neng ba phela ka yona? (2)
11.4 Sekaseka kamoo Bafokeng ba Matatiele ba neng ba sa hlomphe Mmateboho
kateng. (2)
11.6 Ebe Diseko ke mophetwa ya nang le kgotso kapa jwang paleng ena?
Tshehetsa karabo ya hao. (2)
11.7 Bolela hore mmisi Lekena o ne a ikutlwa jwang malebana le ntlha ya hore
Dikeledi o ikemiseditse ho tlohela sekolo. (2)
MMOHO LE
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa buka yohle.
TEMA YA F
11.9 Mohla Dikeledi a neng a tsekela hara masiu, ke eng e ileng ya mo tshosa
haholo ha a phaphama moo a neng a robetse teng? (1)
A ya a hopola hore Tselapedi o fihlile moo a qetang ho fumana molaetsa. A fofela sele.
A qalella ho e kgothotsa. Ka nnete molaetsa o tswa ho Dikgapane. A se ke a makala
hobane matsatsing ao Dikgapane o ne a nne a mo romelle melaetsa e kang e re o na
le ditaba. Le ha ho le jwalo Tutudu o hlile a iphapanyetsa yona. Ona le wona, jwalo ka
e meng, a nna a o bala: 'O itlhokomele. Matsatsing ana dira tsa hao di eketsehile. 5
Haholoholo o hlokomele bao o sebetsang le bona. O a rerwa.'
Pejana ho fihla Tselapedi ho ne ho ile ha fihla Motsamai, mme a hlile a bonahala a
kgathatsehile haholo. Ekaka bosiung ba Labohlano Thebe o ile a qetella a fihlile moo
ho dulang bashanyana ba sekolo ba tswang Thokoza, bao motse ohle o llang ka bona.
Le ba ntseng ba etswa malapeng a kgalemo, ka lebaka la ho dula hole le batswadi ba 10
bona, ba hlile ba a itaola. Mafelong a beke ba ithitella jwala, mme ho tloha moo ke
ditlhong feela.
13.1 Dipolelo tsena: 'O itlhokomele. Matsatsing ana dira tsa hao di eketsehile,' di
re bolella eng ka se etsahalang temeng e ka hodimo? (1)
13.8 Ke botle bofe boo ntate Seipobi a ileng a bo etsetsa setjhaba sa Thabure?
Fana ka dintlha TSE PEDI feela. (2)
MMOHO LE
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa buka yohle.
TEMA YA H
O tswile ka tlong jwalo a potlakile, ho bile ho bonahala hore o tseba tsa moo a yang.
A tswa a itokisitse, ngwana mosehlana. A iphophothile sefahleho; a nkga dikonkose
tsa mose ho mawatle. Borikgwe a tenne bo kgutlela tjena bo entsweng ka lesela la
bokathe, bo bile bo le malokeletso ka tlasana feela ho mangole moo a bo kgammeng
teng. A tletse ha monate ka hara bona, a bile a bo qheshetse ka diqholo. Hentswana e 5
tshweu twa, e siileng sefuba se le feela, e ngometswe ka konopo e le nngwe ka
tlasana ho matswele a ntseng a re tswe; a bile a e hlabile ka tlhokwana tse batlang di
bonaletsa ha motho a se a shebisisa. Pakeng tsa ona ho se letho hobane a ne a sa
tlangwa, mme boholo a hlile a batla a le ka ntle. Le ha hempe e ne e fihla lebanteng, e
ne e lepelletse feela, mme ha a sisinyeha e ne e pheuleha, mokgubu o tsamaya 10
o hlwedisa kgafetsa. Diborele tse ntsho tsa letsatsi a di behile hloohong, ho ella
phatleng ho bile ho bonahala hore hantlentle o mpa a di rwalletse boqhwele hobane ke
tseo di tsheheditse moriri ho e na le ho sirelletsa mahlo. Ha a tswela ka ntle moriri oo
o bokelletsweng ka makgethe pele o tlangwa ka morao, wa benya ha monatjana ha
o utlwa kganya ya letsatsi. 15
A tswa jwalo Dikgapane e mosehlana, a hata a kgethela leoto sebaka. A koboteditse
hlooho ngwana ditjhaba, ebile eka o sothehetse ka leqeleng. Ho hlakile hore o ne a
ikutlwa; a bile a sa ipelaele. Le ha ho ne ho bonahala hore hlooho e kobotelleditswe
boqhalaqhala, nnete ke hore mohlang oo e ne e kobotelleditswe ditaba. Maikutlo a ne
a lwebehlane, a lwantshana. Leha a ne a nahana hore qeto o e nkile, ho ne ho e na le 20
se tsamayang se mo nyarosa. E re moo a reng o qetile, ebile ha a sa na polelo e
fetang eo, lentswe le lesesanyane ka hare ho yena le nne le re; 'Na ke nnete!'
13.10 Bolela lebaka le neng le etsa hore Thebe a kgethe boThabang ho phetha
morero wa hae o mobe ka Tutudu. (1)
13.11 Bolela lewa le ileng la sebediswa ke mongodi nakong eo Tutudu a neng a bua
le Dikgapane ka tsa kgolo ya hae, o be o bolele hore lewa leo le ile la ama
maikutlo a Dikgapane jwang. (2)
13.12 Ketso ya ho kweneha ha Dikgapane morerong wa bona le boThebe e re
bopela karolo efe ya moralo wa pale? Tshehetsa karabo ya hao. (2)
SENGOLWA SA BOHOLOHOLO
Araba potso E LE NNGWE feela ho sengolwa sa boholoholo.
POTSO YA 14: POTSO E TELELE YA MOQOQO
KE QATI E A LOMISANWA – SJ Mamashela
Sekaseka tshomo ya 'Moleso wa dikgomo' o ipapisitse ka polelo e reng 'Ho ba mona le
lefufa ho ja monga hona', o be o bontshe kamoo polelo ena e ileng ya phethahala
kateng tshomong ena o nto hlahisa ntlhakemo ya hao mabapi le sena.
Moqoqo wa hao e be wa bolelele ba mantswe a 400–450. [25]
NTWA YA BAROLONG
1 Thoane e tswile majweng, thabeng,
2 E tswile bale ba bolotse,
3 Bale ho bolotse ba Lewelewele,
4 O binne pitiki hodima mohlaba.
5 Selepe se madi sa Ramakakane,
6 Se thipa e bohale.
7 Hodiotswana la boRamakakare,
8 Se thipa e bohale.
9 Hodiotswana la boRamoretlo
10 La otla Morolong,
11 La mo apesa ka dipheo,
12 Lephatswa la Mmatau wa Bakgatla.
15.1 Bolela molaodi wa bahlabani ya ileng a futuhela dira tsa hae ho tswa qotsong
e ka hodimo. (1)
15.2 Ako nohe lebaka la ho futuha ha Thoane nakong eo bale ba neng ba bolotse. (2)
15.3 Fana ka mabitsotheneketso a MABEDI feela a molaodi ya neng a futuhile. (2)
15.4 Hlalosa hore molaodi eo ho buuwang ka yena 'o binne pitiki hodima mohlaba'
ka tsela e jwang. (2)
15.5 Hlalosa hore tshwantshiso ena: 'Hodiotswana la boRamoretlo/la otla
Morolong' e hlakisa mokgwa oo ntwa e phethilweng ka wona ka tsela efe. (2)
15.6 Lokodisa dintlha tse PEDI feela tse bontshang hore phutuho e ne e radilwe
ka bohlale. (2)
15.7 Hlalosa se bolelwang ke molathoko ona 'La mo apesa ka dipheo'. (2)
15.8 Hlalosa hore ha ho buuwa ka 'hodiotswana' ho bolelwa ka eng. (2)
MMOHO LE
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 21 DBE/Pudungwana 2022
NSC
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa buka yohle.
TEMA YA J
15.9 Bolela hore ke eng e re bolellang hore ditaba tsa tema ee ke tsa tshomo. (1)
KAROLO YA C: TSHWANTSHISO/TERAMA
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Ha o arabile potso ya moqoqo KAROLONG YA B, araba dipotso tse kgutshwane
karolong ena. Ha o arabile dipotso tse kgutshwane KAROLONG YA B, jwale araba
ya moqoqo.
POTSO YA 16: POTSO E TELELE YA MOQOQO
SEYALEMOYA – RH Moeketsi
'MME MPOLAYE' – A Moloi
Basotho ba re: 'Thupa e kojwa e sa le metsi.' Sekaseka maele ana mme o bontshe
kamoo ho hloka kgalemelo ha Dineo ngwaneng wa hae ho nnetefaditseng maele ana
kateng ebe o hlahisa maikutlo a hao malebana le sena.
Moqoqo wa hao e be wa bolelele ba mantswe a 400–450. [25]
POTSO YA 17: DIPOTSO TSE KGUTSHWANE
SEYALEMOYA – RH Moeketsi
'HA LE THAKGISWE' – RH Moeketsi
Bala qotso ena e latelang ka tlhoko, e be o araba dipotso tse e latelang. Hopola hore
dipotso di itshetlehile qotsong le dikahareng tsa terama yohle.
TEMA YA K
(Ke ka bona bosiu boo, ha Makau)
MAKAU: Ha se moo re qetile, jwale seo re tla lokela ho se etsa ke hore re hle
re tsamaye hona jwale re lebe mane moo o bolaetseng motho wa
hao teng!
KOTOPI: Butle bo! ntate Makau. Na ke nnete re sa boetse re e ya moo hape? 5
MAKAU: Monna ke lokela ho o sebetsa o be mohale, mme o se be mohale feela,
ke batla o be morui e seng ntho ya ho bapala. Ha re ye, mme ntho e
nngwe eo nka o bolellang yona ke taba ya hore re tla teana le meleko
pele. Wena o se tshohe letho. O etse eka ha o bone letho. Ha re hle
re ye! 10
KOTOPI: Oho banna, ha ke a tshoha le kgale. Ke utlwang? Kapa ke ditsebe tsa
ka? Na ho na le motho ya buang? Ntate Makau na o a utlwa seo ke
se utlwang?
MAKAU: O utlwang? Nna ha ke utlwe letho.
KOTOPI: Ka nnete nna ha ke sa tswetse pele ka leeto lena. Ke utlwile ho lekane. 15
MAKAU: Monna ke itse moleko oo o tla kopana le ona o se o natse.
KOTOPI: Ntho ena ke motho. Makau bona! Ke motho ntho ena e tlang e re tobile.
MAKAU: Jwale ha e le motho o etsang, wena tloo re tsamaye, re ye mane moo o
entseng taba yane teng.
KOTOPI: Butleng baheso. Ho etsahalang mona. Motho enwa ke yane eo re 20
mmolaileng, nna ke a tsamaya. Ke kgutlela lapeng. Ke ile. Ha ke sa di
kena taba tsa maruo. Ke ile …!
17.2 Sekaseka kamoo kamano ya dibapadi tse pedi tse buisanang temeng e ka
hodimo e neng e le kotsi kateng mabapi le seo ba neng ba se rera. (2)
17.7 Bontsha phapano e teng dipakeng tsa Kotopi le batswadi ba hae ha re tla
tabeng ya tjhadimo ya bophelo. (2)
17.8 Bontsha hore na ebe tlholo dingolweng e fihlelletswe kapa tjhe. (2)
MMOHO LE
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa tshwantshiso/terama yohle.
TEMA YA L
17.10 Bapisa ketso ya Rampou le Kotopi malebana le seo ba tlo se etsa moo ba
leng teng temeng e ka hodimo. (2)
Bala qotso ena ka tlhoko ebe o araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa tshwantshiso yohle.
TEMA YA M
MOLEFI: Hela, ba hae! Le phela jwang banna ba heso? Banna! Kajeno lena ke
setsohaphora se tshabehang. Maobane ha ke fihla hae mona, nakong
ela eo ke neng ke arohana le wena ka yona Mofammere, ke ile ka
fihla ka bala.
MOFAMMERE: Re a phela, molato ha o yo. Tjhe, ha e le nna ke ile ka fihla ka polana 5
betheng ho fihlela mesong. Le ho ja ha nka ba ka ja le ho ja ka
mokgwa oo ke neng ke jele kateng.
MOLEFI: Jwala boo le bo kenekene ka eng ha bo le sotla tjee? Ha e le nna ke
re le ke le tlohele jwala bona hobane bo etsa hore le etse dintho tse
sa tsebisahaleng. Ke ntho efe e ntle eo o ka e supang Mofammere, 10
eo o kileng wa e etsa o tahilwe?
TAKADIMANE: Ha ke tsebe hantle hore na le bua ka eng. Empa ntho eo ke e
tsebang ke ya hore ha se nnete hore jwala bo qobella motho ho etsa
tse mpe. Motho ya etsang kapa ya buang ntho e mpe ha a tahilwe, ke
hobane a ntse a rata ho e etsa, kapa ho bua seo. Seo jwala ke 15
nahanang hore se a bo etsa mothong, ke ho tlosa ditlhong. E seng ho
etsa hore motho a etse dintho tse mpe.
MOFAMMERE: Molefi, ke bitsitse Tadimane hore a tlo ba teng ha ke o eletsa. Seo ke
tlileng ka sona ho wena ke hore o tjhentjhele Ramafothole
Bothabothe kwana. Ha e le Ngatane yena ekaba hantle ha o ka mo 20
tjhentjhela Quthing, hobane tsena ke dinta tsa kobo ya hao, tse tlang
ho o ja, di o qete tu! Hape ke o eletsa ka hore o hlokomele
monnamoholo Mapetla.
19.4 Bolela ketso e le nngwe feela e ileng ya etswa ke Morongwe mohla lenyalo la
hae e bontshang hore ha a hlomphe. (1)
MMOHO LE
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa tshwantshiso yohle.
TEMA YA N
19.9 Bolela ketso e mpe ka ho fetisisa e neng e etswa ke Ngatane ho Molefi empa
a ipitsa motswalle wa Molefi. (1)
19.12 Hlalosa ka ho fana ka lebaka hore hara dibapadi tsohle tse bukeng ena ebe ke
sebapadi sefe se ka buang mantswe ana a reng, 'Se nkganang se nthola
morwalo?' (2)
19.14 Na ebe ke toka hore Molefi a nyenyefatse Montsheng ka tsela eo a ileng a etsa
ka yona ha a ne a se a sebetsa Maseru? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (3)
[25]
'SEIPATI: Naledi, ruri o lokela ho ema ka maoto o ipatlele makgulo a matala hore
le wena o tle o kgone ho aha seriti sa lelapa lena la lona.'
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile qotsong le dikahareng tsa tshwantshiso yohle.
TEMA YA O
21.1 Hlalosa hore ebe mantswe ana: 'Ebe ke mang jwale ya ntetsetsang ke sa
ntse ke hlabile kgobe ka lemao ha monate tjee …,' a hlile a totobatsa nnete
ya maemo a ditaba jwalo kaha Mohlouwa a bolela? (1)
21.3 Hlalosa hore moritaoke ona oo Mohlouwa a buang ka wona o hlakisa bosoto
ba hae ka tsela efe. (2)
MMOHO LE
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di
itshetlehile ka dikahare tsa tshwantshiso yohle.
TEMA YA P
MOHLOUWA: Bua hore o behwa ke eng kwano mosadi? Ke maoto ke oka ditlhabela
ha o mpona ke le tjena. Ho na le kopano ya tshohanyetso eo ke
lokelang ho potlakela ho yona hona jwale tjena.
NALEDI: Le nna ha ke a tlela ho dula kwano ntate.
MOHLOUWA: Jwale o tletseng? 5
NALEDI: Moya wa ka o hlahlathela thoteng tse tjheleng, ntate.
MOHLOUWA: Jwale o re ke o thuse kang ha e le moo moya wa hao o hlahlathela
thoteng tse tjheleng? Hona ke mang ya itseng ke tla kgona ho o thusa
ka bothata boo ba hao? Keng eka o tla ntlela ka meleko tjee na
mosadi towe? 10
NALEDI: Ruri ke bua ke tiisitse ntate hore ke hloka thuso ya hao phareleng ena
eo ke leng ho yona.
21.10 Hlalosa maele ana, 'E bona mahe, leraba ha e le bone' mme o a tlamahanye
le se ileng sa etswa ke Naledi tshwantshisong ena. (2)