Lerato__Thabo_le_kgomo
Lerato__Thabo_le_kgomo
Lerato__Thabo_le_kgomo
kgomo
Maria Vaz
Marion Drew
1
Thabo e ne e le motswalle
wa Lerato, mme matlo a
habo bona a ne a bapile e
le baahisane.
2
Ka tsatsi le leng, ba ya
sedibeng sa motsaneng
wa habo bona.
3
Ha ba fihla sedibeng, ba
bona kgomo e bothile
haufi le sediba.
4
Thabo a qala a etsisa
modumo wa kgomo ha e
lla a re, "Muu, muu, muu,"
ka lentswe le phefa.
5
A tswella pele ho etsa
modumo oo ho fihlela
kgomo e hetla e ba sheba.
Hanghang Lerato a
shatjwa ke letswalo, mme
Thabo a elellwa hore o
tshohile.
6
Yaba o re ho Lerato, "Ha
re ilo otla kgomo ena, e tla
baleha ebe re kgona ho
fumana metsi."
7
Thabo ya eba yena ya
qalang ho tshosa kgomo,
mme Lerato a mo latela ka
morao a tsamaya butle.
Ba leka ho otla kgomo,
empa ya se ke ya
sisinyeha.
8
Thabo a re ho Lerato,
"Wena sala mona, nna ke
tla ya lata metsi." Lerato a
dumela.
9
Thabo a kga metsi a a
tshela nkgong ya pele.
10
Eitse ha a kga nkgo ya bobedi, kgomo ya raoha, ya mo hlaba ka
lenaka ya mmeha molaleng wa yona.
11
Thabo a hweletsa a re,
"Joo, joo, joo!" Lerato a
keketeha ha bona sena.
12
Kgomo yona ke ha e ntse e
re feela, "Muu, muu, muu!"
13
Ha a qetile ho tsheha,
Lerato a mathela hae ho
ya bolella mmaThabo hore
Thabo o hlajuwe kgomo.
A fumana mmaThabo a
ntse a fiela lebala kantle.
14
"Mme, mme, matha,
kgomo e hlabile Thabo ka
lenaka!" Lerato o bolella
mmaThabo a hemela
hodimo.
15
Mme mmaThabo a lahlela
lefielo fatshe, yaba o
potlakela ho ya thusa
Thabo.
16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way: